04
Apr

Molaetsa wa tshepo oo re o hlokang nakong tsena tsa diphepetso tsa Covid-19 ha bohle re ikutlwa re
eiseha, re tshwenyehile e bile re amehile. Malapa a rona, diphutheho, meloko le metswalle ba fetile hara
mahloko ke coronavirus ena mme hape bao ka maswabi ba ileng ba lahlehelwa ke bophelo ke yona. Ke
tshedisa bohle ba lahlehetsweng ke baratuwa ba bona. Morena ya tsohileng bafung a ke a ba fe phomolo
e sa feleng.